1
GENESE 32:28
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.
Compare
Explore GENESE 32:28
2
GENESE 32:26
Yaba o re: Ntese ke ye, hobane mafube a hlahile. A mpa a re: Ha nka ke ka o lesa wa ya, o eso ho ntlhohonolofatse.
Explore GENESE 32:26
3
GENESE 32:24
Yaba Jakobo o sala a nnotshi, mme motho a betana le yena ho isa mafube ha a hlaha.
Explore GENESE 32:24
4
GENESE 32:30
Jakobo a rea nqalo eo lebitso la Peniele (sefahleho sa Modimo), ka ho re: Ke tadimane difahleho le Modimo, mme bophelo ba ka bo bolokehile.
Explore GENESE 32:30
5
GENESE 32:25
Eitse ha a bona hoba o sitwa ho mo hlola, a ama motso wa noka ya hae, yaba motso wa noka ya Jakobo o a nonyetseha, a sa ntse a betana le yena.
Explore GENESE 32:25
6
GENESE 32:27
A re ho yena: Lebitso la hao o mang? A re: Ke Jakobo.
Explore GENESE 32:27
7
GENESE 32:29
Jakobo a mmotsa, a re: Ako mpolelle hle lebitso la hao. Yaba o re: Ke ka baka lang ha o mpotsa lebitso la ka? A mo hlohonolofatsa moo.
Explore GENESE 32:29
8
GENESE 32:10
ha ke a lekanwa ke mehau ya hao kaofela, le ke ditshepiso tsohle tsa hao tseo o tshepisitseng mohlanka wa hao ka tsona, kanthe ke ne ke tshele Jordane ena ke na le lere la ka feela, mme jwale ke fetohile matshwele a le mabedi.
Explore GENESE 32:10
9
GENESE 32:32
Ka baka lena, bana ba Iseraele ha ba je potongwane e motsong wa noka, hobane o ne a ame motso wa noka ya Jakobo potongwaneng.
Explore GENESE 32:32
10
GENESE 32:9
Jakobo a re: Modimo wa ntate Abrahama, Modimo wa ntate Isaaka, Jehova ya itseng ho nna: Boela fatsheng la heno, le ho baheno, mme ke tla o etsa hantle!
Explore GENESE 32:9
11
GENESE 32:11
Oho, o ntwele letsohong la moholwane wa ka, letsohong la Esau, hobane ke a mo tshaba, hoba a ka tla a mpolaya, le mma bana le bana.
Explore GENESE 32:11
Home
Bible
Plans
Videos