1
GENESE 37:5
Sesotho 1909/1961 (SO)
SSO61-SO
Josefa a lora toro, a e bolella banababo; yaba ba eketsa ho mo hloya.
Compare
Explore GENESE 37:5
2
GENESE 37:3
Iseraele o ne a rata Josefa ho fetisa bana ba hae kaofela, kahobane e le mora wa botsofadi ba hae, mme a mo etsetsa seaparo se mebalabala.
Explore GENESE 37:3
3
GENESE 37:4
Eitse ha banababo ba bona hoba ntata bona o mo rata ho fetisa banababo kaofela, ba mo hloya, ba sitwa ho bua le yena ka kgotso.
Explore GENESE 37:4
4
GENESE 37:9
A lora toro e nngwe hape, a e bolella banababo, a re: Bonang, ke boetse ke lorile toro: letsatsi, le kgwedi, le dinaledi tse leshome le motso o mong di ne di inama pela ka.
Explore GENESE 37:9
5
GENESE 37:11
Banababo ba mo honohela, empa ntatae a nahana taba eo.
Explore GENESE 37:11
6
GENESE 37:6-7
A re ho bona: A le keng le mamele toro ena eo ke e lorileng. Ke lorile re tlama mangata masimong, mme ka bona mangata a lona a teela ngata ya ka hare, a inama pela yona.
Explore GENESE 37:6-7
7
GENESE 37:20
Tloong jwale, re mmolayeng, re mo diheleng lemeneng le leng, re tle re re: O rusolotswe ke selalome; re bone hore ditoro tsa hae di tla fella kae.
Explore GENESE 37:20
8
GENESE 37:28
Yare ha ho feta bahwebi bao ba Midiane, ba nyolla Josefa, ba mo ntsha lemeneng, ba mo rekisa ho baishmale ka ditjhelete tse mashome a mabedi; mme ba ikela Egepeta le Josefa.
Explore GENESE 37:28
9
GENESE 37:19
Ba bolellana, ba re: Bonang raditoro, ke yane ya tlang!
Explore GENESE 37:19
10
GENESE 37:18
Yare ha ba mmona a sa le hole, a eso ho atamele, ba mo rera ho mmolaya.
Explore GENESE 37:18
11
GENESE 37:22
Rubene a ba a re ho bona: Se tsholleng madi, le mpe le mo diheleng lemeneng lena le nahathothe, le se ke la bea letsoho hodima hae. A rialo hore a tle a mo namolele matsohong a bona, a mmusetse ho ntatae.
Explore GENESE 37:22
Home
Bible
Plans
Videos