1
MAREKA 11:24
Sesotho 1909/1961 (SO)
Ka baka leo, ke re ho lona: Se seng le se seng seo le se kopang ka thapelo, dumelang hoba le se bone, mme se tla ba ho lona.
Compare
Explore MAREKA 11:24
2
MAREKA 11:23
Hobane kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya ka reng ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng, a sa belaele pelong ya hae, a mpa a dumela hoba tseo a di bolelang di ka etswa, o tla etsetswa tsona.
Explore MAREKA 11:23
3
MAREKA 11:25
Mme ha le ema le rapela, enore ha le ena le taba le e mong, le mo tshwarele, hore le yena Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.
Explore MAREKA 11:25
4
MAREKA 11:22
Jesu a araba, a re ho bona: Le be le tumelo ho Modimo.
Explore MAREKA 11:22
5
MAREKA 11:17
Mme a ruta, a re ho bona: Ha ke re, ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo ya ditjhaba tsohle? athe lona, le e entse lehaha la mashodu!
Explore MAREKA 11:17
6
MAREKA 11:9
Ba eteletseng pele le ba latelang ba ne ba howa, ba re: Hosanna! ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena!
Explore MAREKA 11:9
7
MAREKA 11:10
Ho rokwe mmuso wa ntata rona Davida, o tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!
Explore MAREKA 11:10
Home
Bible
Plans
Videos