Lebelang ke hona; hobane ha le tsebe mohla monga ntlo a tla tla, kapa mantsiboya, kapa bosiu bo boholo, kapa mokoko ha o lla, kapa kameso; esere, ha a etla ka ho le tsometsa, a le fihlela le robetse. Seo ke le bolellang sona, ke se bolella bohle: Lebelang!