JOHANNE 21:15-17
JOHANNE 21:15-17 SSO89SO
Jwale ha ba se ba jele, Jesu a re ho Simone Petrose: “Simone, mora Johanne, na o nthata ho feta baa na?” A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dikonyana tsa ka!” A boela a re ho yena kgetlo la bobedi: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?” A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.” A re ho yena: “Disa dinku tsa ka!” A re ho yena kgetlo la boraro: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?” Petrose a swaba hobane a itse ho yena kgetlo la boraro: “Na o a nthata na,” mme a re ho yena: “Morena, o tseba tsohle, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dinku tsa ka!