YouVersion Logo
Search Icon

Mattheu 28

28
Mattheu 28
1Eitse ha Sabatha e fela, ha bo esa, ka letsatsi le qalang veke, Maria Magdalena le Maria e mong ba tla ho bona lebitla.
2Mme bonang, ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, hobane lengeloi la Jehova le theohile lehodimong, la tla, la phikolosa lejwe la monyako, la dula hodima lona.
3Sefahleho sa hae se ne se le jwaloka lehadima, le diaparo tsa hae di le tshweu jwaloka lehlwa.
4Ka baka la ho o tshaba, balebedi ba thothomela, ba eba jwaloka bafu.
5Lengeloi la araba, la re ho basadi bao: Le se ke la tshaba, hobane ke a tseba hore le batla Jesu ya neng a thakgisitswe.
6Ha a yo mona, hobane o tsohile, jwalokaha a ne a boletse. Tloong, le bone nqalo eo Jehova a neng a robetse ho yona.
7Eyang kapele, le bolelle barutuwa ba hae hore o tsohile bafung; mme bonang, o le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng: bonang, ke le boleletse.
8Ba tloha kapele lebitleng ka tshabo le ka thabo e kgolo; mme a matha ho ya bolella barutuwa ba hae.
9Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, bonang, Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Ba tla, ba mo tshwara ka maoto, ba mo kgumamela.
10Jesu a re ho bona: Se tshoheng; eyang le bolelle banabeso hore ba ye Galelea, mme ba tla mpona teng.
11Yare ba sa tsamaya, bonang, ba bang ba balebedi ba tla motseng, ba tsebisa baprista ba baholo tsohle tse etsahetseng.
12Eitse hobane ba phuthehe le baholo, ba rerisane, ba nea bahlabani tjhelete tse ngata.
13ba re: Le re: Barutuwa ba hae ba tlile bosiu, ba mo utswa re sa robetse.
14Mme haeba hoo ho ka utlwahala ho mmusisi, rona re tla mo qekisa, mme re le sireletse.
15Yaba ba nka ditjhelete, ba etsa kamoo ba rutilweng kateng, mme polelo eo ya bolelwa hara Bajuda, ho fihlela kajeno.
16Jwale barutuwa ba leshome le motso o mong ba ya Galilea, thabeng eo Jesu a ba laetseng yona.
17Yare ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela.
18Jesu a atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng.
19Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;
20le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona; mme bonang, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe. Amen.

Currently Selected:

Mattheu 28: SothoNT

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in