1
DIPALO 21:8
BIBELE
SSO89SO
Morena a re ho Moshe: “Bopa noha e mahloko, o e fanyehe sefateng. E mong le e mong ya lomilweng, ha a e tadima o tla fola.”
Confronta
Esplora DIPALO 21:8
2
DIPALO 21:9
Moshe a bopa noha ka lethose, a e fanyeha sefateng. E ne e ye ere ha mang kapa mang ya lomilweng ke noha a tadima noha ena ya lethose, ebe o a fola.
Esplora DIPALO 21:9
3
DIPALO 21:5
Setjhaba sa nyatsa Modimo le Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha le re nyolotse Egepeta, hore re tlo shwela moo lehwatateng? Mona ha ho na dijo, ha ho na le metsi, re tenehile le ke dijo tsena tse mpe!”
Esplora DIPALO 21:5
4
DIPALO 21:6
Yaba Morena o romela dinoha tse mahloko hara setjhaba, tsa loma batho, mme Baiseraele ba bangata ba eshwa.
Esplora DIPALO 21:6
5
DIPALO 21:7
Setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: “Re entse sebe, hobane re lwantshitse Morena, le wena re o lwantshitse. Ako rapele Morena hore a tlose dinoha tsena hara rona.” Moshe a rapella setjhaba.
Esplora DIPALO 21:7