1
GENESE 1:26-27
Sesotho 1909/1961 (SO)
Modimo wa ntoo re: A re etseng motho ka setshwantsho sa rona le ka ho tshwana ha rona, mme a buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le makgomo, le lefatshe lohle, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng. Yaba Modimo o etsa motho ka setshwantsho sa wona: wa mo etsa ka setshwantsho sa Modimo. Wa ba esta e le e motona le e motshehadi.
비교
GENESE 1:26-27 살펴보기
2
GENESE 1:28
Modimo wa ba hlohonolofatsa, mme Modimo wa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatsheng, le rene hodima lona, mme le buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatsheng.
GENESE 1:28 살펴보기
3
GENESE 1:1
Tshimolohong, Modimo o ne o hlole mahodimo le lefatshe.
GENESE 1:1 살펴보기
4
GENESE 1:2
Lefatshe le ne le hloka sebopeho, le le feela; lefifi le ne le le hodima bodiba, mme Moya wa Modimo o ne o solla hodima metsi.
GENESE 1:2 살펴보기
5
GENESE 1:3
Modimo wa re: Lesedi ha le be teng, mme lesedi la eba teng.
GENESE 1:3 살펴보기
6
GENESE 1:31
Modimo wa bona tsohle tseo o di entseng hoba di molemo haholo. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la botshelela.
GENESE 1:31 살펴보기
7
GENESE 1:4
Modimo wa bona hoba lesedi le molemo; mme Modimo wa arohanya lesedi le lefifi.
GENESE 1:4 살펴보기
8
GENESE 1:29
Modimo wa re: Bonang, ke le neile dimela tsohle tse beang peo, tse kahohle lefatsheng, le sefate se seng le se seng se beang ditholwana tse nang le peo, e be dijo tsa lona.
GENESE 1:29 살펴보기
9
GENESE 1:5
Modimo wa bitsa lesedi motshehare, mme lefifi wa le bitsa bosiu. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la pele.
GENESE 1:5 살펴보기
10
GENESE 1:6
Jwale Modimo wa re: Sebaka ha se be teng mahareng a metsi, mme se arohanye metsi le metsi.
GENESE 1:6 살펴보기
11
GENESE 1:30
Empa ha e le diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le tse rurang tsohle tsa mahodimo, le dihahabi tsohle tsa lefatshe, tse utlwang ke di neile jwang bohle bo botala, e be dijo tsa tsona. Mme ha eba jwalo.
GENESE 1:30 살펴보기
12
GENESE 1:14
Yaba Modimo o re: Masedi ha a be teng sebakeng sa mahodimo, ho arohanya motshehare ho bosiu, e be dipontsho tsa dinako tse beilweng, le tsa matsatsi, le tsa dilemo
GENESE 1:14 살펴보기
13
GENESE 1:11
Modimo wa re: Lefatshe le hlahise jwang, le dimela tse behang peo, le difate tse behang ditholwana ka mefuta ya tsona, tse nang le peo ya tsona lefatsheng. Mme ha eba jwalo.
GENESE 1:11 살펴보기
14
GENESE 1:7
Modimo wa etsa sebaka, mme wa arohanya metsi a katlase ho sebaka le metsi a ka hodimo le sebaka. Mme ha eba jwalo.
GENESE 1:7 살펴보기
15
GENESE 1:12
Lefatshe la hlahisa jwang, le dimela tse behang peo ka mefuta ya tsona, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya tsona, mme Modimo wa bona hoba ho molemo.
GENESE 1:12 살펴보기
16
GENESE 1:16
Modimo wa etsa masedi a mabedi a maholo, lesedi le leholo la wona ho busa motshehare, le lesedi le lenyenyane la wona ho busa bosiu, wa etsa le dinaledi.
GENESE 1:16 살펴보기
17
GENESE 1:9-10
Jwale Modimo wa re: Metsi a katlase ho mahodimo a bokellwe hammoho sebakeng se le seng, mme ho hlahe moo ho omileng. Mme ha eba jwalo. Modimo wa bitsa moo ho omileng lefatshe, pokello ya metsi wa e bitsa mawatle; mme Modimo wa bona hoba ho molemo.
GENESE 1:9-10 살펴보기
18
GENESE 1:22
Modimo wa di hlohonolofatsa, wa re: Ngatafalang, le ate, mme metsi a mawatle a tlale tsona, mme tse rurang di ate lefatsheng.
GENESE 1:22 살펴보기
19
GENESE 1:24
Jwale Modimo wa re: Lefatshe ha le hlahise dibopuwa tse phelang ka mefuta ya tsona, dikgomo, le dihahabi, le diphoofolo tsa lefatshe ka mefuta ya tsona. Mme ha eba jwalo.
GENESE 1:24 살펴보기
20
GENESE 1:20
Jwale Modimo wa re: Metsi ha a hlahise ka bongata dibopuwa tse nyekenyehang, tse phelang, mme tse rurang ha di rure hodima lefatshe, sebakeng sa mahodimo.
GENESE 1:20 살펴보기
21
GENESE 1:25
Modimo wa etsa diphoofolo tsa lefatshe ka mefuta ya tsona, le makgomo ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle tsa lefatshe ka mefuta ya tsona. Mme Modimo wa bona hoba ho molemo.
GENESE 1:25 살펴보기
홈
성경
묵상
동영상