1
JOHANNE 12:26
Sesotho 1909/1961 (SO)
Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, ya ntshebeletsang le yena o tla ba teng; ekare ha motho a ntshebeletsa, Ntate o tla mo tlotlisa.
နှိုင်းယှဉ်
JOHANNE 12:26ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
2
JOHANNE 12:25
Ya ratang bophelo ba hae, o tla lahlehelwa ke jona; empa ya hloyang bophelo ba hae lefatsheng lena, o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng.
JOHANNE 12:25ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
3
JOHANNE 12:24
Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha hlaku ya mabele, e wetseng mobung, e sa shwe, e tla dula e nnotshi; empa ha e eshwa, e hlahisa dijo tse ngata.
JOHANNE 12:24ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
4
JOHANNE 12:46
Nna, ke tlile lefatsheng, ke le lesedi, hore e mong le e mong ya dumelang ho nna, a se ke a dula lefifing.
JOHANNE 12:46ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
5
JOHANNE 12:47
Ekare ha e mong a utlwa mantswe a ka, mme a sa dumele, nna ha ke mo ahlole; hobane ha ke a tla ho ahlola lefatshe, empa e le ho pholosa lefatshe.
JOHANNE 12:47ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
6
JOHANNE 12:3
Yaba Maria o nka ponto ya setlolo sa nareda e hlwekileng e theko e thata, a tlotsa maoto a Jesu, mme a mo hlakola maoto ka moriri wa hae. Ntlo ya ya ba ya tlala monkgo wa setlolo.
JOHANNE 12:3ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
7
JOHANNE 12:13
ba nka makala a difate tsa palema, mme ba tswela ho mo kgahlanyetsa, ba howa, ba re: Hosanna! ho bokwe morena wa Iseraele, ya tlang ka lebitso la Morena!
JOHANNE 12:13ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
8
JOHANNE 12:23
Jesu a ba araba, a re: Nako e tlile eo Mora motho a tla tlotliswa ka yona.
JOHANNE 12:23ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
ပင်မစာမျက်နှာ
သမ္မာကျမ်းစာ
အစီအစဉ်များ
ဗီဒီယိုများ