Mattheu 3

3
Mattheu 3
1Matsatsing ao ha hlaha Johanne Mokolobetsi, a ntse a ruta lefeelleng la Judea,
2A re: Bakang, hobane mmuso wa mahodimo o atametse.
3Hobane ke yena ya kileng a bolelwa ke moporofeta Esaia, ha a re: Lentswe la ya howang feelleng, le re: Hlekang mmila wa Morena, le lokise ditsela tsa hae.
4Johanne yena o ne a apere seaparo sa boya ba kamele, a itlamile letheka ka leqhama la letlalo; mme dijo tsa hae e ne e le ditsie le dinotshi tsa naha.
5Yaba ho tswela ho yena Jerusalema, le Judea yohle, le naha yohle e mathokong a Jordane.
6Ba kolobetswa ke yena Jordane, ba ntse ba bolela dibe tsa bona.
7Eitse ha a bona Bafarisi le Basadusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a re ho bona: Madinyane a marabe ke lona, le lemositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?
8Ka hona, hlahisa litholoana tse tšoanelang pako.
9Le se ke la nahana ho re ka ho lona: Re na le ntata rona Abrahama;
10Mme jwale selepe se beilwe metsong ya difate;
11Haele nna, ke le kolobetsa ka metsi pakong;
12Seolo sa hae se letsohong la hae, mme o tla hlwekisa seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong; empa mmoko o tla o tjhesa mollong o sa timeng.
13Jwale Jesu a tloha Galelea a tla Jordane ho Johanne ho kolobetswa ke yena.
14Empa Johanne a mo thibela, a re: Ke nna ke tshwanetseng ho kolobetswa ke wena, mme o tla ho nna na?
15Jesu a araba, a re ho yena: “Lesa ho be jwalo jwale, hobane e ka kgona re phethe jwalo ho loka hohle. Yaba o mo dumella.
16Eitse hobane Jesu a kolobetsoe, a phakisa a tswa ka metsing, mme bonang, mahodimo a phetlwa ho yena, mme a bona Moya wa Modimo o theoha jwaloka leeba, o theohela hodima hae.
17Jwale lentswe le tswang lehodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.

Nu geselecteerd:

Mattheu 3: SothoNT

Markering

Deel

Kopiëren

None

Wil je jouw markerkingen op al je apparaten opslaan? Meld je aan of log in