1
MAREKA 2:17
BIBELE
SSO89SO
Jesu ha a utlwa, a re ho tsona: “Ba hlokang ngaka ke ba kulang, e seng ba phelang hantle. Ke tlile ho bitsa baetsadibe, e seng ba lokileng.”
مقایسه
MAREKA 2:17 را جستجو کنید
2
MAREKA 2:5
Jesu ha a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, o tshwaretswe dibe tsa hao.”
MAREKA 2:5 را جستجو کنید
3
MAREKA 2:27
A re ho bona: “Sabatha se entswe ka baka la motho, e seng motho ka baka la Sabatha.
MAREKA 2:27 را جستجو کنید
4
MAREKA 2:4
mme kaha ba ne ba sitwa ho mo tlisa pela hae ka baka la letshwele, ba phunya marulelo a ntlo malebana le moo Jesu a neng a le teng. Ha ba se ba a phuntse, ba lepeletsa diphate tseo motho ya shweleng ditho a robetseng ho tsona.
MAREKA 2:4 را جستجو کنید
5
MAREKA 2:10-11
Jwale hore le tle le tsebe hore Mora Motho o na le matla a ho tshwarela dibe lefatsheng,” a re ho ya shweleng ditho, “ke re ho wena: Tsoha, o nke diphate tsa hao, mme o ye hae.”
MAREKA 2:10-11 را جستجو کنید
6
MAREKA 2:9
Ho bonolo ke hofe, ho re ho ya shweleng ditho: ‘O tshwaretswe dibe tsa hao,’ kapa ho re: ‘Tsoha, o nke diphate tsa hao, o tsamaye?’
MAREKA 2:9 را جستجو کنید
7
MAREKA 2:12
Hanghang a tsoha, a nka diphate tsa hae, a tswa, bohle ba mo tadimile, hoo ba ileng ba hlollwa haholo, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Ha re eso bone ntho e tjena!”
MAREKA 2:12 را جستجو کنید