1
MAREKA 5:34
BIBELE
SSO89SO
Yaba o re ho yena: “Moradi, tumelo ya hao e o fodisitse; tsamaya ka kgotso, bohloko ba hao bo fole.”
مقایسه
MAREKA 5:34 را جستجو کنید
2
MAREKA 5:25-26
Ho ne ho ena le mosadi ya qetileng dilemo tse leshome le metso e mmedi lehatlelo la hae le sa kgaotse, ya neng a sotlilwe haholo ke dingaka, a sentse tsohle tseo a neng a ena le tsona, empa a sa fumana thuso, bohloko bo ntse bo tota.
MAREKA 5:25-26 را جستجو کنید
3
MAREKA 5:29
Hanghang lehatlelo la hae la kgaotsa, mme a ikutlwa hore bohloko ba hae bo fodile.
MAREKA 5:29 را جستجو کنید
4
MAREKA 5:41
Yaba o mo tshwara ka letsoho, o re ho yena: “Talitha, kumi!” e leng ho re: “Ngwanana, ke re ho wena: Tsoha!”
MAREKA 5:41 را جستجو کنید
5
MAREKA 5:35-36
Yare a sa ntsane a bua, ha fihla ba tswang lapeng la mookamedi wa ntlo ya thapelo, ba re: “Moradi wa hao o shwele; o sa kgathaletsang moruti?” Empa Jesu ha a utlwa se bolelwang, a re ho mookamedi wa ntlo ya thapelo: “Se tshabe; dumela feela.”
MAREKA 5:35-36 را جستجو کنید
6
MAREKA 5:8-9
Jesu o ne a itse ho yena: “Tswa mothong eo, wena moya o ditshila!” Jesu a mmotsa, a re: “Lebitso la hao o mang?” A re ho yena: “Lebitso la ka ke Lebotho, hobane re bangata.”
MAREKA 5:8-9 را جستجو کنید