GENESE 13

13
Abrame o boela Kanana. — O kgaohana le Lota. — Dipallo tsa Jehova.
1Abrame a tloha Egepeta, yena, le mosadi wa hae, le dintho tsohle tsa hae, a na le Lota, ba lebile nnqa borwa ho Kanana. 2Abrame o ne a ruile makgomo, le silefera, le kgauta haholoholo. 3A nna a tsamaya, a qaqoma borwa, a ba a fihla pela Bethele, hona moo tente ya hae e neng e eme teng pele, pakeng tsa Bethele le Ai, 4moo a neng a hahile aletare pele, mme Abrame a rapela teng lebitso la Jehova. 5Le yena Lota, ya neng a tsamaya le Abrame, o ne a na le manku, le makgomo, le ditente. 6Empa naha e ne e sa ba lekane ho dula hammoho, hobane maruo a bona a ne a le maholo, mme ba sitwa ho dula hammoho.
7Yaba qabang e hlaha mahareng a badisa ba mehlape ya Abrame le badisa ba mehlape ya Lota. Mehleng eo Bakanana le Baferese ba ne ba ahile naheng eo. 8Yaba Abrame o re ho Lota: Oho! qabang e se ke ya eba teng mahareng a ka le wena, kapa mahareng a badisa ba ka le badisa ba hao, hobane re bana ba motho a le mong. 9Ha ke re, naha kaofela e pela hao na? Kgaohana le nna; ha ekaba o leba ka ho le letshehadi, nna ke tla leba ho le letona, mme ha o ka nka ho le letona, nna ke tla nka ho le letshehadi. 10Yaba Lota o isa mahlo a hae, a bona lehwatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle ho isa Tsoware, le le jwaloka tshimo ya Jehova, le jwaloka lefatshe la Egepeta; mohlang oo, Jehova o ne a eso ho senye Sodoma le Gomora. 11Yaba Lota o ikgethela lehwatata lohle la Jordane; a leba botjhabela, mme ba kgaohana. 12Abrame a aha naheng ya Kanana, Lota yena a aha metseng ya lehwatata, mme a hloma ditente tsa hae ho ya fihla Sodoma. 13Empa batho ba Sodoma e ne e le balotsana, e le baetsadibe pela Jehova ka ho fetisisa.
14Eitse ha Lota a se a ikgaohantse le yena, Jehova a re ho Abrame: Ako emise mahlo a hao, mme ho tloha moo o leng teng, o tadime leboya, le borwa, le botjhabela, le bophirimela; 15hobane naha yohle eo o e bonang, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao ka ho sa feleng. 16Ke tla atisa ditloholo tsa hao jwaloka lerole la lefatshe, hore ha motho a ka tseba ho bala lerole la lefatshe, le ditloholo tsa hao a tsebe ho di bala. 17Raoha, o itsamaele le lefatshe lena ka bolele ba lona le ka bophara ba lona, hobane ke tla o fa lona.
18Yaba Abrame o thakgolla tente ya hae, a tsamaya, mme a ya aha dieikeng tsa Mamre, pela Hebrone; mme a hahela Jehova aletare teng.

اکنون انتخاب شده:

GENESE 13: SSO61-SO

های‌لایت

به اشتراک گذاشتن

کپی

None

می خواهید نکات برجسته خود را در همه دستگاه های خود ذخیره کنید؟ برای ورودثبت نام کنید یا اگر ثبت نام کرده اید وارد شوید