1
LUKA 13:24
Sesotho 1909/1961 (SO)
Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng; hobane ke a le bolella, ba bangata ba tla rata ho kena, mme ba tla sitwa.
နှိုင်းယှဉ်
LUKA 13:24ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
2
LUKA 13:11-12
Mme bonang, mosadi o ne a le teng, ya kenweng ke moya o mo kudisitseng ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi; o ne a futahane, a sitwa ho inamoloha le hanyenyane. Yare ha Jesu a mmona, a mmiletsa ho yena, a re: Mosadi, o lokolotswe lefung la hao!
LUKA 13:11-12ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
3
LUKA 13:13
A ba a mmea matsoho. Yaba mosadi o phakisa a inamoloha, a rorisa Modimo.
LUKA 13:13ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
4
LUKA 13:30
Mme bonang, ba morao ba teng bao e tla ba ba pele, mme ba pele ba teng bao e tla ba ba morao.
LUKA 13:30ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
5
LUKA 13:25
Etlare monga ntlo ha a se a tsohile, mme a kwetse monyako, lona le tla qala ho ema kantle, le ho kokota monyako, le re: Morena, Morena, re bulele! Mme o tla araba, a re ho lona: Ha ke le tsebe moo le tswang teng.
LUKA 13:25ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
6
LUKA 13:5
Tjhe, ke a le bolella. Empa ekare ha le sa bake, le tla timela jwalo kaofela.
LUKA 13:5ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
7
LUKA 13:27
Mme o tla re: Ke a le bolella, ke re: Ha ke le tsebe hore na le ba hokae; ntloheleng, lona bohle ba etsang ho sa lokang.
LUKA 13:27ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
8
LUKA 13:18-19
A boela a re: Mmuso wa Modimo o tshwana le eng, mme ke tla o tshwantsha kang? O tshwana le hlaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e sunya tshimong ya hae; ya mela, ya eba sefate se seholo, mme dinonyana tsa lehodimo tsa aha makaleng a sona.
LUKA 13:18-19ရှာဖွေလေ့လာလိုက်ပါ။
ပင်မစာမျက်နှာ
ကျမ်းစာ
အစီအစဉ်
ဗီဒီယို