1
Mattheu 26:41
Baasraak Sotho NT
SothoNT
Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola.
አወዳድር
{{ጥቅስ}} ያስሱ
2
Mattheu 26:38
A ba a re ho bona: Moya wa ka o tshwenyehile haholo, ho isa lefung; salang mona, le fadimehe le nna.
3
Mattheu 26:39
A fetela pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ha ho ka etswa, senwelo sena se fetele ho nna
4
Mattheu 26:28
Hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata bakeng sa tshwarelo ya dibe.
5
Mattheu 26:26
Yare ba sa ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re: Nkang, le je; sena ke mmele wa ka.
6
Mattheu 26:27
A nka senwelo, a leboha, a ba nea sona, a re: Noelang ho sona bohle
7
Mattheu 26:40
A tla ho barutuwa, a ba fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Na le ne le sitilwe ho fadimeha le nna hora e le nngwe?
8
Mattheu 26:29
Empa ke re ho lona: Ho tloha jwale ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho fihlela tsatsi leo ke tla se nwa le lona se le setjha Mmusong wa Ntate.
9
Mattheu 26:75
Petrose a elellwa polelo ya Jesu, eo a neng a re ho yena: Pele mokoko o lla, o tla be o ntatotse hararo. Yaba o tswela ntle, a lla habohloko.
10
Mattheu 26:46
Emang, re tsamayeng; bonang, ya nkekang o atametse.
11
Mattheu 26:52
Jesu a re ho yena: “Busetsa sabole ya hao sebakeng sa yona, hobane bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.