1
Johanne 5:24
Baasraak Sotho NT
SothoNT
Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng, mme a ke ke a kena kahlolong; empa o tlohile lefung ho kena bophelong.
Lee anya n'etiti ihe abụọ
Nyochaa Johanne 5:24
2
Johanne 5:6
Jesu ha a mmona a robetse, mme a tseba hobane e se e le kgale a le jwalo, a re ho yena: A o rata ho fola na?
Nyochaa Johanne 5:6
3
Johanne 5:39-40
Le batlisise Mangolong; hobane le lekanya hore le na le bophelo bo sa feleng ka tsona, mme ke tsona tse mpakang. Mme ha le rate ho tla ho nna, hore le tle le be le bophelo.
Nyochaa Johanne 5:39-40
4
Johanne 5:8-9
Jesu a re ho yena: Tsoha, o nke diphate tsa hao, o tsamaye. Monna eo a phakisa a fola, a nka diphate tsa hae, a tsamaya
Nyochaa Johanne 5:8-9
5
Johanne 5:19
Jesu a araba, a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Mora a ke ke a etsa letho ka boyena, haese seo a bonang Ntatae a se etsa
Nyochaa Johanne 5:19